Pampiri ena e na le maqephe a 12.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe LEQEPHENG LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ke motsheare wa lengeta ka Mantaha, mme mmila wa Baragwanath o a hlanasela ke sephethephethe. Ho makoloi, ditekesi, dilori le dibese. Ka pejana ho kholetjhe ya mesuwe ya Soweto, tekesi e nngwe e kgubedu ke eo e kgeloha e kena mmileng o yang Kliptown, o fetang ka hara motse wa Klipsruit. E ile jwalo mme ya ba ya fihla ya emisa pela tliliniki ya Klipspruit e Zone 3. Teng ha theoha mafasathae a mabedi a makejakejane, mong a tshwere mokotlana wa mangolo ka letsohong. Ba ne ba bonahala jwalo ka basebeletsi ba dikgwebo tse kang tsa diinshorense kapa mabenkele a thepa ya ntlo. Hoba tekesi e ba theole jwalo, ya ikela mme ba sala ba eme moo motsotswana, ba ntse ba qamaka kwana le kwana.
Motsotswana ba eme moo, e mong a ntsha pampitshana ka hara mokotlana, ba e nyakorela ka bobedi. Ha ba phahamisa dihlooho, ba supa mona le mane ka menwana. Ka utlwa e mong ya lebala le hlakileng a re ho enwa e mosootho: 'Khom, nna ke tla leka ho sheba borakana bane boo e sa leng bo re lomisa ka dintja. Wena o tla batla mpimpi yane ya ho re rekisa. Ke a kgolwa hore diapole tsa hao le sephadi di lokile. Empa hopola: Apole pele. O tla phoka dintsintsi ka apole mme o fafielle ka sephadi ho qhalanya dinotshi ha di batla ho o homela. Boloka ditaelo hobane mosebetsi o sa le moholo. Ha re ka fanya kgato ya pele, re tla be re sentse dintho tsohle. Empa hopola ho se etse letho pele re kopana hape No. 4 mantsiboya, ntle le ha ho ka hlokeha. Ha re a lokela ho fanya Khom. Ha re lokisitse dintho tsohle re tla bona hore re jala mahapu hokae le hona neng.' Eo e mosoothwana a ka a ema motsotswana, a itshwere thekeng pele a araba. Ka mora motsotswana a re: 'Khom, ho monate ho kgutlela hae empa ka hlakoreng le leng ho bohloko.' Ba arohana ka ona mantswe ao mme lekeishene la ba kwenya.
Hoseng ha le hlahlamang la tsoha le sele, le sele le bohweng ba ntja. Le ha e ne e sa le hoseng hakaalo, e ne e le le ntshang kwena bodibeng. Ntho e batlileng e makatsa ke ho re le ha e ne e le hoseng jwalo, batho ba ne ba potlaketse mesebetsing, phallo ya sephethephethe e ne e le monyebe haholo mmileng ona wa Baragwanath. Lebaka? Ho ile ha fumaneha hore tlasenyana mane mmileng, mabapa le moo ho fehlwang motlakase teng, ka bophirimela ho Orlando, ho entswe thibelo ya popota ya mmileng. E ne e se lepolesa, e le tlaka-le-a-raha. Dintja tsa sepolesa le tsona di le ngata. Batho ba ntshwa makoloing, a phenyokollwa.
Ha morao ho ile ha utlwahala hore thibelo ena e ne e entswe mebileng yohle e kenang le e tswang Soweto. Mane renkeng ya Baragwanath barekisi ba dikoranta ke ha ba eya hodimo le tlase ba hometswe ke bareki.
Koranteng ya The world, leqepheng la ka ntle, ho ne ho ngotswe: Two police houses rocked by bombs. (Matlo a mabedi a mapolesa a hlasetswe ka diboomo.) Jwale lebaka la thibelo eo ya popota mmileng hoseng jwalo ya qaqa. Ba nang le diyalemoya makoloing le bona ka bohora ya borobedi ke ha ba utlwa hore ho hlasetswe matlo a mabedi a mapolesa ka diboomo. Le ha ho ne ho e so qaqe mothating oo hore na hona ke mosebetsi wa motho a le mong kapa ho feta. Ho feta mona ha utlwahala le hore ho fumanwe koloi eo ho belaelwang e ne e utswitswe haufi le tjhankana ya No. 4, e Hillbrow, hona moo Gauteng.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mabalankwe, Thapelo Selepe, 1995
DIPOTSO:
Makejakejane ao ho buuwang ka ona a ne a sebetsang? 
Ke ka lebaka la eng ha ho thwe ba ne ba bonahala jwalo ka basebeletsi ba diinshorense kapa mabenkele a thepa ya ntlo? 
Sepheopheo sa banna bana sa ho Hobaneng o realo? kgutlela hae ke sefe? 
Hlalosa se bolelwang ka polelwana ena:
Ke motsheare wa lengeta. 
Ho ya ka kutlwisiso ya hao thibelo e neng e entswe mmileng e ne e etseditswe eng? 
Bolela dintlha TSE PEDI tse hlalosang maemo a ditaba thibelong eo ya mmileng. 
Qolla mantswe ho tswa temeng a supang hore ho ne ho tjhesa haholo mohlang oo. 
Kgetha karabo e nepahatseng ka ho fetisisa ho tse latelang: Phallo ya sephethephethe e ne e le monyebe mmileng Baragwanath ka lebaka la: wa
A B C D Mohwanto wa bakganni ba ditekesi. Thibelo ya mmileng. Ho se kgotsofalle ditshebeletso tsa sepolesa ke baahi. Mapolesa a kgahlanong le ho hlaselwa. 
Ditaba tsee di etsahalla motseng ofe? 
Shebisisa papatso, mme o be o bale le ditaba tse e latelang o ntano araba dipotso.
Matsatsing ana re rata ho nkgisa lehano ha monate ka tjhepisi ya Stimorol, e fumanehang ka mefuta e fapaneng ya tatso e kenyeletsang mofuta o motjha wa apole le monokotshwai.
Ha o sithabetse maikutlo, iphumanele Stimorol mme o natefelwe ke tatso ya ditholwana o theole kgatello. Ebang o eso e leke, tseba hore e a fumaneha lebenkeleng le haufi le sebaka sa heno.
BONA e na le diphuthelwana tse 15 tse bitsang R250 sephuthelwana ka seng se nang le mokotla o jarwang, thaole e kgolo le mabokose a mabedi a Stimorol sa tatso e ntjha, tseo e fanang ka tsona. Re romelle lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala ka poskarete ho:
DIPOTSO:
Bolela mefuta e MMEDI ya ditholwana tseo Stimorol se fumanehang ka yona. 
Sehlahiswa sena se thusa jwang batho ba sithabetseng maikutlo? 
Ke eng seo o lokelang ho se etsa hore o hape e meng ya meputso e boletsweng? 
Ke ka lebaka la eng ha mantswe ana '15 Diphuthelwana' a ngotswe ka mongolo o motsho o motenya? 
Diphuthelwana tsa dimpho di ja beng ba tlhodisano ee bokae? 
Tlhodisano ee e tsamaiswa ke bomang? 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa temana e latelang, e be o di kgutsufatse ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Motho bophelong ba hae o thulana le meleko ya mefutafuta letsatsi le leng le le leng. Ka sekolong teng ke diteko tsa methalethale thutong. Baithuti ba hlahlojwa kgafetsa ho lekola tswelopele ya bona. Ka ntle ho tlhahlobo kapa teko ha ho na ka moo mosuwe le mosuwetsana ba ka lekanyang hore na baithuti ba bona ba utlwisisa dithuto, kapa tjhe.
Mathata a mangata a tobaneng le ditlhahlobo tsena tse phethwang dikolong. Bang ba re ha di hlokahale, hobane ha ho ka moo moithuti ya keneng sekolo selemo sohle a sa lofe, a ka hlolehang ho fetela kereiting e ka pele. Potso ke ho re na baithuti ba phuthetse hakae ka bokong mafelong a selemo. Ke tlhahlobo feela e senolang hore na moithuti ka mong o kgwaetse ho le hokae ka kotleng ya hae, etswe baithuti ha ba lekane ka dikelello. Le ha e le mafahla kapa mawelana ho hang a fapana ka bokgoni le bohlale. Hape ha moithuti a tsamaya sekolo a sa be siyo le ka mohla o le mong selemo sohle feela e le sengangele se hlooho e thata, a fetisetswa pele, e tla ba lathalatha e hlotseng.
Ditlhahlobo tsa hara selemo, esita le diteko tsa mafelo a beke, a kgwedi kapa a kgweditharo, ha di tshwenye hakaalo. Tsa mafelo a selemo ke tsona tse tlang le mathata a thibang letsatsi ka bongata! Di tsetolla tholwana yane e babang: baithuti ba apereng diyunifomo tsa sekolo ba lelera hara diterata tsa metse ka nako ya sekolo, kantle ho tumello ya mesuwe ya bona.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Fiswana la morena ka, Ditabe NS le Zulu NS, 1992
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3
Bala tema ena o be o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
E eme ntlo ya morena e moholo mmoho le matlo a marenana. A tsepame matlo a batsamaisi. Se tsitsitse sekolo hodima motheo. Tsohle di fedile mme di batla basebedisi. Jwale ho sa setse eng? Morena e moholo a epa pitso ya kgorulakoqo. A mema marenana ohle, tonakgolo ya provense ya bona e neng e reketse morena makoloi a mabedi mmoho le setjhaba sa hae ho phutheleha lepatlelong.
Ho ne ho le mahleke ka hohlehohle. Dijo ho phehilwe tsa setso. Morena e moholo o ne a hlabile dioka e seng dipholwana, basadi ba tlhotlile jwala ba Sesotho bo monate. Bohle ba opa diatla ha morena a ema. Mohlabani e mong a phahamisa lerumo la hae mme bohle ba kgutsa tu! A ithoka ho etella puo ya morena pele. O ne a roka morena le setjhaba sa hae.
Puong ya hae a re o batlile a fosetsa badimo ka ho dieha ho etsa mokete wa teboho. A re naha ya hae e ntlafetse ka mokgwa o tsotehang ruri. Setjhaba se lokolotswe ka hohlehohle ho ntlafatsa naha ekasita le ho e baballa. Kgotso e nne e rene, kgora e nne e ate mme tlhompho e iswe ho ba baholo le bana. Bonokwane bo jele setsi naheng ya hae. Batho ba hopole moo ba tswang teng mme ba boloke setso sa bona. Morena ha a a bua lolololo mme ha a se a qetile yaba o dula fatshe mme setjhaba sa mo tshela ka ditlatse.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Lehlohonolo, 1996, KA Ramokhothoane
Polelong ena: 'Tsohle di fedile mme di batla basebedisi,' lentswe lena TSOHLE ke leakaretsi. Ipopele leakaretsi le tsamaelanang le lebitso lena BASEBEDISI, mme e be o sebedisa leakaretsi leo polelong ya hao. 
Lentswe 'sekolong' le sebedisitswe e le lehlalosi la sebaka. Ngola lentswe le ka masakaneng sebopehong sa LEHLALOSI LA SEBAKA ho phethahatsa moelelo wa polelo ka nngwe ho tsena tse latelang. Ngola karabo feela.
Bohle ba ne ba dutse (lepatlelo). 
Taba ena ya ho bulwa ha meaho ya sekolo, ha e fihla (morena) e ile ya ananelwa. 
Puong ya morena, ho sebedisitswe mantswe a jwalo ka, 'KGOTSO e nne e rene'. Lelatodi la kgotso e tla ba 'NTWA e nne e rene'. Ngola malatodi a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Kgora e nne e ate. 
Morena e moholo ya eba yena ya bulang mosebetsi ka puo. 
Ipopele dipolelokopane ka ho sebedisa makopanyi ao o a filweng potsong ka nngwe.
Mohlabani e mong a phahamisa lerumo la hae. Bohle ba kgutsa tu! (mme) 
Ha a se a qetile. O dula fatshe. (yaba) 
Lentswe 'motsana' ke nyenyefatso ya lentswe 'motse'. Nehelana ka nyenyefatso ya mantswe ana a ngotsweng ka botsho dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Setjhaba e be modisa wa naha ya sona. 
Matlo a morena e moholo le a marenana a eme. 
Polelo ke ena: 'A mema marenana ohle le setjhaba sa hae'. Mantswe a ntshofaditsweng a bolela hore setjhaba ke sa morena. Jwale sebedisa marui ao o a fuweng dipolelong tsa hao:
ya morena 
ya bona 
Polelo ena 'Bonokwane bo jele setsi' e sebedisetswe e le sekapolelo. Iketsetse polelo ho totobatsa moelelo wa sekapolelo/maelana ana.
Ho le mahleke. 
Ho mo tshela ka ditlatse. 
Polelong ena 'Tonakgolo o rekile makoloi a mabedi' lentswe 'a mabedi' ke lekgethi le bopilweng ka motso wa lekgethi '-bedi'.
Ngola polelo e latelang hape empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho phethahatsa moelelo wa yona.
Morena (-holo) o ne a hlabile dioka e seng dipholwana. 
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o qale polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Mohlabani e mong a roka morena e moholo pele a bua. 
Polelo ena, 'Kgotso e nne e rene' e supa tshebediso ya lethusi NNE. Sebedisa lethusi NNE polelong e latelang:
Tlhompho e iswe ho ba baholo le bana. 
Lentswe 'basebedisi' le sebedisitswe ho supa bongata. lena 'setjhaba' polelong ya hao mme le bontshe bongata. Sebedisa lentswe [30]
Boha tema e latelang o nto araba dipotso tse theilweng hodima yona.
Hobaneng ha baphatlalatsi ba makasine oo ba ngotse lentswe Bona ka mongolo o moholo o bileng o leng motenya ho mongolo o mong o hlahellang leqepheng le ka ntle la makasine oo? 
Tse ding tsa ditaba tse hlahiswang ka hara makasine ona di ngotswe tjena: 'Mehlolo! O tsohile bafung.' Hlalosa bohlokwa ba tshebediso ya puo ka mokgwa ona. 
Ke lentswe lefe le hlahisitsweng leqepheng lee le ka ntle la makasine le supang hore ho na le ditlhodisano tse hlahellang ka hara makasine ee? 
Makasine e hlahisitsweng papatsong e ka hodimo e fumaneha ka puo efe hona ke ya neng? 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 40
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE: 80
